RE ITOKISEDITSE HO LE SEBELETSA
HA HO KA BA LE NTWA KA LAPENG
Re tla o tshwara ka hlompho
Re tla o tsebisa ?
ka moo o ka fumanang Taelo ya Tshireletso re be re o thuse ha ho ka ba le tlolo ya Taelo eo; le ka ditokelo tsa hao le ditsela tse ding tse ngata tse teng.
Re tla o sireletsa le sebakeng seo ketso e etsahalang ho sona, mme ha ho hlokeha, re be re tshware le motho eo ya tlolang molao.
Re tla nka setatemente sa hao sephiring.
Re tla o thusa, ha ho hlokeha, hore o kgone ho fumana -
tlhokomelo ya tsa bongaka, hlahlobo le/kapa kalafo;
ditshebeletso tsa tshehetso ya diphofu hore o kgone ho thuseha kelellong le ho tsohle tseo o di etsang; le bodulo le tshireletso.
HLAHISANG DITABA TSE MABAPI LE
NTWA YA MALAPENG.
Ha o batla ho tseba haholwanyane o ka iteanya le ba seteishene sa sepolesa se motseng wa heno
Ha o na le ditletlebo, o ka iteanya le ba ofising ya sebaka kapa porovense ya heno ya bohlahlobi ba mapolesa.
